BOFUMA, TEKANO YA BONG LE MOLAO WA TEKANO
Ntwa ya bofuma e qadile kgale ka tshimoloho ya nalane ya batho mme re ntse re tswela pele ho tjamelana le yona le dilemong tsena tse ntjha tse sekete. Ha ho moo ntwa ena e befileng le ho feta jwalo ka moelelong wa bong le wa bofuma mona Afrika.
Bofuma ke eng?
Ho latela dikshenari ya Oxford ya Senyesemane, bofuma bo hlaloswa e le :
Boemo boo ho bona o nang le maruo a fokolang kapa o hlokang ka ho phethahala kapa o se nang dintho tseo eleng tsa hao, bofutsana, tlhopheho, le ho hloka?.
Dilemong tsa morao tjena, diphuputso tsa ho batla ho fumana mahlakore a batho ba futsanehileng di amohetse hore bofuma bo ama tlhokeho e batsi, ho kenyeleditswe pepeseho le bofokodi bo tlisang dikgoka tsa bong ho phaella hodima bofutsana ba ho hloka seo eleng sa hao.
Bofuma ka hoo ke ho hloka bokgoni ba ho fihlella boemo bo tlase ba ho phela, bo lekantsweng ho latela ditlhoko tsa mantlha tsa tshebediso kapa tjhelete e kenang e hlokehang ho ka kgotsofatsa ditlhoko tsena
Ho na le mekgwa e mmedi eo bofuma bo ka lekanngwang ka bona:
Bofuma bona ba haesale; le
Bofuma bo bapisehang.
Bofuma bona ba haesale (ke bofutsana bo feteletseng) bo tshwana le tlhoko kapa kgaello e kgolo. Bofutsana bona ba haesale bo amana le kgaello ya batho papisong le ditabatabelo tse feteletseng le tse tsepamisitsweng pele le boemo kapa maemo a setjhaba sefe kapa sefe a sebedisitsweng jwalo ka selekanyi se tshwanetseng sa ditlhoko tse tlase tsa bophelo kapa boemo bo tlase bo amohelehang ba bophelo
Bofuma bo bapisehang bo amana le kgaello ya batho papisong le ba bang setjhabeng seo ba phelang ho sona. Ha o lekanya kgaello e bapisehang kapa tlhokeho ya tekano ya phatlallo ya tjhelete e kenang, matlotlo le melemo kahare ho setjhaba.
Bofuma Afrika Borwa bo qoswa ke eng?
Tlhokeho ya mosebetsi
Kgaello ya thuto
Setjhaba se eketsehang sa metseng eo eseng ya diteropo
Tlolo tsa molao
Dipalopalo tsa bofuma Afrika Borwa di eme jwang?
Tlaleho ya morao tjena ya Afrika Borwa e ile ya fihlela qeto ya hore palo ya batho ba futsanehileng ho latela sekepele sa bofuma sa Afrika Borwa e theohile (ho tloha ho 51,1% ka 1995 ho fihlela ho 48,5% ka 2002) empa palo kaofela ya bofuma e eketsehile ho tloha ho 20,2 million ka 1995 ho fihlela ho 21,9 million ka 2002. Tlaleho e boetse e supa hore palo ya setjhaba se phelang ka tlase ho tjhelete e kaalo ka $1 ka letsatsi e eketsehile ho tloha ho 9,4% ka 1995 ho fihlela ho 10,5% ka 2002.
Hobaneng basadi ba bangata e le bona bafutsana ho feta?
Mabaka a histori
Ditlwaelo tsa sekgalekgale
Mabaka a phedisano
Kamano ke efe dipakeng tsa bofutsana, bong le dikgoka tse tobileng bong?
Dikgoka tse tobisitsweng basading le bofuma di tsamaelana ha mmoho. Ka bomadimabe palo e ngata ya basadi ho la Afrika Borwa e ditleneng tsa diteteko tse ngata haholo, dipeto le tlhekefetso tsa maikutlo. Le ha ho le jwalo, ho futsaneha ho eketsa bothata ba pepeseho ya dikgoka haholo.
MORALO WA TSHEBETSO WA MOLAO LE LEANO
DISEBEDISWA TSA MATJHABA TSE KGOTHALETSANG LE HO NTSHETSHA PELE BASADI LE PHEDISO YA BOFUMA BASADING.
Platfomo ya Beijing ya kgato
DISEBEDISWA TSA LEBATOWA TSE KGOTHALETSANG HORE BASADI BA KENE PUSONG
Tjhata ya Afrika ya Ditokelo tsa Botho;
Prothokholo ya Tjhata ya Afrika e mabapi le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho ya tokelo tsa Basadi Afrika
Kgweletso ya seboka sa botshelela sa lebatowa la Afrika mabapi le basadi
MOLAO WA AFRIKA LE DINYEWE TSA TSHEKAMELO TSA THOBALANO LE BONG
Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa (Molao wa motheo);
Molao wa 84 wa 1996 wa Dikolo tsa Afrika Borwa;
Molao wa 27 wa 1996 wa Leano la Thuto ya Naha;
Molao wa 97 wa 1998 wa Ntshetsopele ya Mahlale a boiphediso;
Molao wa 98 wa 1998 wa Thuto e Tswelang pele le Thupelo
Molao wa 28 wa 2002 wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo;
Molao wa 53 wa 2003 wa Matlafatso e Batsi ya Moruo Bathong ba batsho (BBBEE);
Molao wa 116 wa 1998 wa Dikgoka Malapeng; le
Molao wa 55 wa 1998 wa Tekano Mosebetsing (EEA)
